Esaya 11:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lehlomela le tla hloma,le hlome kutung ya Jese,kala le tswang mothapong wa haele behe ditholwana.

2. Moya wa Morena o tla ba ho yena,Moya wa bohlalele Moya wa kutlwisiso,Moya wa boeletsile Moya o matla,Moya wa tsebole Moya wa ho tshaba Morena;

3. yena o tla thabelaho tshaba Morena.Ha a ka ke a ahlolaho ya ka tshobotsi,kapa a etsa qetoho ya ka tsa bo-fuufu;

4. empa mafutsanao tla a ahlolela ka toka,ba ikokobeditseng ba naha enaa ba sebeletse ka toka,polelo tsa haee be thupa e otlang naha ena,kahlolo tsa haedi timetse ba kgopo.

5. Ho loka e tla ba leqhama la hae,nnete e be senyepa thekeng la hae.

6. Phiri e tla phela le konyana,lengau lona le bothe,le bothe le potsanyane,namane le tawana le sethojanadi hole mmoho,ngwana wa lesea a di etelle pele.

7. Kgomo e tla fula le bere,manamane a tsona a bothe mmoho,tau e fule jwang jwaloka pholo.

8. Lesea le tla ipapallapela mokoti wa masumo,ngwana a kenye letsohomokoting wa qowane.

Esaya 11