Esaya 10:21-26 BIBELE (SSO89SO)

21. Masalla a tla boela a kgutla,masalla a Jakoboa kgutlele ho Modimo ya matla.

22. Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele,se ka hlabathe la lewatle,ke masalla feelaa tla boela a kgutla.Morena o se a laotse timetso,e tla se wela hodimo e le ka toka.

23. Morena, Morena wa mabotho,o tla phethahatsa timetsoe laoletsweng naha yohle.

24. Ka baka leo, Morena,Morena wa mabotho, o re:“Lona tjhaba sa kase phelang Sione,le se ke la tshaba Baasiria,bona ba le otlang ka molamu,ba le phahamisetsang kotojwalokaha Egepeta e ile ya etsa.

25. Haufinyane ho le halefela ha kaho tla fela,kgalefo ya kae tobane le ho timetswa ha bona.”

26. Morena wa mabothoo tla ba hweba ka phafa,jwaloka mohla a otlang Bamedianefikeng la Orebe.Molamu wa hae o tla o phahamisahodima lewatle,jwalokaha a na o phahamisehodima Egepeta.

Esaya 10