20. Mohla tsatsi leo,masalla a Iseraele,ba ntlo ya Jakoboba ileng ba phonyoha,ha a sa tla hlola a tshepaya ile a a otla,empa a tla tshepa Morena ka nnete,yena Ya Halalelang wa Iseraele.
21. Masalla a tla boela a kgutla,masalla a Jakoboa kgutlele ho Modimo ya matla.
22. Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele,se ka hlabathe la lewatle,ke masalla feelaa tla boela a kgutla.Morena o se a laotse timetso,e tla se wela hodimo e le ka toka.
23. Morena, Morena wa mabotho,o tla phethahatsa timetsoe laoletsweng naha yohle.
24. Ka baka leo, Morena,Morena wa mabotho, o re:“Lona tjhaba sa kase phelang Sione,le se ke la tshaba Baasiria,bona ba le otlang ka molamu,ba le phahamisetsang kotojwalokaha Egepeta e ile ya etsa.
25. Haufinyane ho le halefela ha kaho tla fela,kgalefo ya kae tobane le ho timetswa ha bona.”
26. Morena wa mabothoo tla ba hweba ka phafa,jwaloka mohla a otlang Bamedianefikeng la Orebe.Molamu wa hae o tla o phahamisahodima lewatle,jwalokaha a na o phahamisehodima Egepeta.
27. Mohla tsatsi leo,o tla hlohlollwa mojaro wa bona,joko ya bonae tloswe molaleng wa hao.
28. Sera se hapile Aiata,sa pholletsa hara Migerone,sa boloka thoto ya sona Mikemase.
29. Ha se etswa lekgalong sa re:“Bosiung bonake tla ya emisa Gobe.”Rama e tetemisa dirope,e a thothomela,Gibea ya Saule yona e a baleha.
30. Bokolla, wena moradi wa Galeme!Thea tsebe le wena Laesha!Wena Anatote o madimabe!
31. Baahi ba Madamene ba a baleha;baahi ba Gebimeba batla setshabelo.
32. Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe,ba supe moradi wa Sioneka setebele,mane leralleng la Jerusalema.