Esaya 10:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. hore ba amohe mafutsanatokelo tsa wona,ba hateletswengba ba hlokise toka,ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi,ba tlatlape le tsona dikgutsana.

3. Le tla etsangmohla tsatsi la kahlolo,le la timeloe tla tla e etswa hole?Thuso le tla ya e kopa ho mang?Maruo a lona le a siye hokae?

4. Ruri le tla boraborahara batshwaruwa,kapa le wele hara babolauwa;leha ho le jwalokgalefo ya hae ha e a kokobela,tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.

5. O madimabe wena Asiria,o leng molamu wa kgalefo ya ka!Kotjane ya kgalefo ya kae tsohong la hao!

6. Ke tla mo romelatjhabeng sa baetsadibe,ke mo romeletjhabeng se nkgalefisang;ke tla mo laela hore a hape kgapo,ke mo laele hore a lobele lebobelo,le ho ba hatakelasa seretse sa diterata.

7. Empa hona hase hoo a ho rerang,le ka pelong ya haeha a ho nahane,hoba sepheo sa haeke ho timetsa,ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.

8. Yena o re:“Na balaodi ba ka bohlehase dikgosi?

9. Na Kaleneha e tshwane le Karakemishe?Na Hamateha e tshwane le Arepade?Na Samariaha e tshwane le Damaseka?

Esaya 10