10. Jwalokaha ke hapile mebusoya medimo ya bohata,eo tshwantsho tsa yona di fetang,tsa Jerusalema le Samaria,
11. Jerusalemale medimo ya yona ya ditshwantshoke tla e etsa sa Samaria,le medimo ya yona ya ditshwantsho.”
12. Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,
13. hobane kgosi eo e re:“Hona ke ho entseka matla a matsoho a ka,le ka bohlale ba ka,hobane ke na le kutlwisiso;ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba,ka hapa le matlotlo a tsona;jwaloka ya matlaka kokobetsa baahi ba tsona.
14. Tsoho la ka le fumanematlotlo a ditjhaba,la a fumana sa hlaha sa nonyana,ka bokella naha tsohle mmoho,sa mahe a setse lepalapaleng,ha se be le e nngwe e sisinyehang,kapa e ahlamisang molomoho hlaba mokgosi.”
15. Na selepe se ka ithorisetsa,ya rathang ka sona,kapa yona sakga ya ithorisetsa,ya sakgang ka yona?Na molamu o ka nonyaya o phahamisang,kapa kotjaneya tsokotsa motho e se lehong?