3. Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.
4. “Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: <Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.> Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.
5. Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.
6. “Ka baka lena he, tsebang hore Morena Modimo wa lona, ha a le nee naha ena e ntle ka baka la ho loka ha lona, hobane le setjhaba se manganga.
7. “Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.
8. Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa,
9. ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.
10. Morena a nnea matlapa a mabedi a ngotsweng ke monwana wa Modimo. Hodima wona ho ne ho ngotswe mantswe wohle ao Morena a neng a a bue ho lona, hodima thaba, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile.
11. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, Morena a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane.
12. “Morena a re ho nna: <Ema, o tlohe mona, o theohe kapele, hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, se entse bobe. Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng ho tsamaya ka yona. Se se se ipopetse modimo ka kgauta.>