Dipolelo 9:11-29 BIBELE (SSO89SO)

11. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, Morena a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane.

12. “Morena a re ho nna: <Ema, o tlohe mona, o theohe kapele, hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, se entse bobe. Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng ho tsamaya ka yona. Se se se ipopetse modimo ka kgauta.>

13. “Yaba Morena o re ho nna: <Ke bone setjhaba sena; bona, ke setjhaba se manganga!

14. Ntlohelle ke se timetse, ke hlakole lebitso la sona katlasa lehodimo. Wena ke tla o etsa setjhaba se matla, se seholo ho feta sena.>

15. “Ka tsamaya, ka theoha thabeng e neng e ntse e tuka mollo, ke nkile matlapa a mabedi a selekane.

16. Ka tadima, ka bona hore le sitetswe Morena Modimo wa lona, le ipopetse namane ka kgauta, mme ka potlako le kgelohile tsela eo Morena a le laetseng yona.

17. Ka baka lena ke ile ka nka matlapa a mabedi, ka a ptjatlanya fatshe, ka a pshatla moo le ntseng le bona.

18. “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.

19. Ke ne ke tshaba bohale ba Morena, le kgalefo eo a neng a le halefetse ka yona, hoo a neng a rata ho le timetsa. Empa le mohlang oo Morena a mmamela.

20. Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona.

21. Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng.

22. “Hape ha le le Tabera, le Masa, le Kiborote-Hatafa, le teng le ne le halefise Morena.

23. “Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: <Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona.> Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.

24. Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.

25. “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena, ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, hobane Morena o ne a re o a le timetsa.

26. Ka rapela Morena, ka re: <Oho, Morena Modimo, se ke wa timetsa setjhaba sa hao, seo e leng lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, wa se ntsha Egepeta ka letsoho la hao le matla.

27. Hopola bahlanka ba hao bo-Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Se ke wa natsa manganga a sona, kapa bokgopo ba sona, kapa sebe sa sona;

28. esere baahi ba naha eo o se ntshitseng ho yona ba re: Kahobane Morena a sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyeditse yona, kapa kahobane a se hloile, o ile a se ntsha Egepeta ho tla se bolaela lehwatateng mona.

29. Empa ke setjhaba sa hao le lefa la hao; ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng.>

Dipolelo 9