1. “Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.
2. Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: <Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?>
3. Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.
4. “Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: <Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.> Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.
5. Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.
6. “Ka baka lena he, tsebang hore Morena Modimo wa lona, ha a le nee naha ena e ntle ka baka la ho loka ha lona, hobane le setjhaba se manganga.