5. Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.
6. Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.
7. “Morena Modimo wa lona, o le isa naheng e ntle, naha e nang le dinokana tse phallang metsi; naha ya didiba le mehlodi e kopotsang dikgohlong le dithabeng.
8. Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;
9. naha e sa hlokeng letho, eo ho yona le tla ja, le se ke la hloka letho, naha eo majwe a yona a nang le tshepe, eo dithabeng tsa yona le tlang ho tjheka lethose.
10. Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.