10. Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.
11. “Itlhokomeleng, esere la lebala Morena Modimo wa lona, ka ho se boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno;
12. esere ha le jele, le kgotshe, le hahile matlo a matle, le dula ho wona;
13. mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku e atile; le silefera ya lona le kgauta ya lona di eketsehile; le atetswe ke tsohle tseo le nang le tsona,
14. yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng.
15. Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.
16. Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.
17. Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: <Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.>
18. Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno.
19. “Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela.
20. Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Morena a di timeditseng moo le ntseng le bona; le lona le tla timela jwalo, hobane ha le a ka la mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.