1. “Melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le hlokomele hore le e phethe, le tle le phele, le ngatafale, le kene naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona, mme e be ya lona.
2. Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.
3. O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.
4. Diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le maoto a lona ha a a ka a ruruha ka dilemo tsena tse mashome a mane.
5. Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.
6. Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.
7. “Morena Modimo wa lona, o le isa naheng e ntle, naha e nang le dinokana tse phallang metsi; naha ya didiba le mehlodi e kopotsang dikgohlong le dithabeng.
8. Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;