5. Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.
6. “Lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o le kgethile hore le be setjhaba seo e leng sa hae hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng.
7. Hase hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle, Morena a ileng a le rata, mme a le kgetha, hobane ka palo le setjhaba se senyenyane ho feta ditjhaba tsohle.
8. Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta.
9. Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.
10. Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang.
11. Ka baka leo, bolokang melao, le ditaelo, le ditemoso tseo ke le laelang tsona kajeno, hore le di phethe.
12. “Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona.
13. O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.