Dipolelo 7:14-20 BIBELE (SSO89SO)

14. Le tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle. Ho ke ke ha eba le nyopa ya monna kapa ya mosadi hara lona; le hara diphoofolo tsa lona ho ke ke ha eba le e sa tswaleng.

15. Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona.

16. Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.

17. “Le se ke la re ka dipelong tsa lona: <Ditjhaba tsena di ngata ho re feta; re ke ke ra tseba ho di leleka.>

18. Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;

19. le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.

20. Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona.

Dipolelo 7