11. Ka baka leo, bolokang melao, le ditaelo, le ditemoso tseo ke le laelang tsona kajeno, hore le di phethe.
12. “Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona.
13. O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.
14. Le tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle. Ho ke ke ha eba le nyopa ya monna kapa ya mosadi hara lona; le hara diphoofolo tsa lona ho ke ke ha eba le e sa tswaleng.
15. Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona.
16. Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.
17. “Le se ke la re ka dipelong tsa lona: <Ditjhaba tsena di ngata ho re feta; re ke ke ra tseba ho di leleka.>
18. Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;
19. le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.
20. Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona.
21. “Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.
22. Morena Modimo wa lona, o tla leleka ditjhaba tsena kahanyane, kapele ho lona. Le ke ke la di timetsa hanghang, esere dibatana tsa naha tsa tshoha di ngatafala ho le feta.
23. Empa Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka ditjhaba tsena matsohong a lona, a di ferekanye ka pherekano e kgolo, ho fihlela di timetswa.