Dipolelo 6:7-22 BIBELE (SSO89SO)

7. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.

8. Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao.

9. O a ngole dikoseneng tsa mamati a hao, le hodima dikgoro tsa motse wa hao.

10. “Ha Morena Modimo wa hao, a se a o fihlisitse naheng eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntatao Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a o neile metse ya teng e meholo, e metle, eo wena o sa kang wa e haha;

11. le matlo a tletseng dintho tsohle tse molemo, tseo o sa kang wa di kenya ka ho wona; le mafudu ao o sa kang wa a tjheka; le masimo a morara, le difate tsa mohlwaare, tseo o sa kang wa di lema, wena o tla ja, o kgore.

12. Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.

13. “O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.

14. O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng,

15. esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang.

16. “O se ke wa leka Morena Modimo wa hao, jwalokaha o ile wa mo leka ha o le Masa.

17. Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.

18. Etsa ho lokileng le ho hotle mahlong a Morena, e le hore o tle o atlehe, o tsebe ho kena naheng e ntle, eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao, mme o e rue.

19. O tla leleka dira tsohle tsa hao kapele ho wena, jwalokaha Morena a buile.

20. “Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: <Ditemoso tsee, le melao ee, le ditaelo tsee, tseo Morena Modimo wa rona, a o laetseng tsona, di bolelang?>

21. Wena o tle o re ho mora wa hao: <Re ne re le makgoba a Faro, naheng ya Egepeta. Morena a re ntsha moo Egepeta ka letsoho la hae le matla.

22. Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang.

Dipolelo 6