Dipolelo 6:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Wena o tle o re ho mora wa hao: <Re ne re le makgoba a Faro, naheng ya Egepeta. Morena a re ntsha moo Egepeta ka letsoho la hae le matla.

22. Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang.

23. Rona o ile a re ntsha moo, hore a re tlise kwano ho re nea naha eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata rona.

24. Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno.

25. E tla ba re etsa toka ha re ka hlokomela ho phetha melao ena yohle, kapele ho Morena Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse.>

Dipolelo 6