5. Ka yona nako eo, ke ile ka ema pakeng tsa lona le Morena, ho le bolella dipolelo tsa Morena. Ka lebaka la mollo lona le ne le tshaba, mme ha le a ka la hlwella thabeng.“Yaba Morena o re:
6. “ <Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
7. “ <O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.
8. “ <O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong, kapa e tlase, lefatsheng kapa e metsing, katlase ho lefatshe.
9. O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng.
10. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.
11. “ <O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae.
12. “ <Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse.
13. O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mesebetsi ya hao kaofela,
14. empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole.
15. Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.
16. “ <Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
17. “ <O se ke wa bolaya.
18. “ <O se ke wa feba.
19. “ <O se ke wa utswa.
20. “ <O se ke wa etseletsa motho e mong.
21. “ <O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.>