Dipolelo 5:23-33 BIBELE (SSO89SO)

23. “Yare ha le utlwa lentswe le tswang hara lefifi, ha thaba yona e ntse e tuka mollo, yaba lona, le dihlooho tsohle tsa merabe le baholo ba lona, le atamela haufi le nna,

24. le re: <Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.

25. Jwale ke hobaneng re tshwanelang ho shwa? Kganare ena ya mollo e tla re timetsa! Ha re ka nna ra utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona, ruri re tla shwa!

26. Ke motho ofe ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang, le bua le etswa hara mollo, jwalokaha rona re le utlwile, mme a nna a phela?

27. Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.>

28. “Morena a utlwa dipolelo tsa lona, ha le bua le nna. Yaba Morena o re ho nna: <Ke utlwile dipolelo tsa setjhaba sena, tseo se di buileng ho wena. Tsohle tseo se di buileng, se di buile ka nepo.

29. Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!

30. Eya, o re ho sona: Kgutlelang ditenteng tsa lona.

31. Empa wena o eme mona pela ka, mme ke tla o bolella melao yohle, le ditaelo, le ditemoso, tseo o tla se ruta tsona, e le hore se tle se di phethe, naheng eo ke se neang yona, hore e be ya sona.>

32. “Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.

33. Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.

Dipolelo 5