15. Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.
16. “ <Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
17. “ <O se ke wa bolaya.
18. “ <O se ke wa feba.
19. “ <O se ke wa utswa.
20. “ <O se ke wa etseletsa motho e mong.
21. “ <O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.>
22. “Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.
23. “Yare ha le utlwa lentswe le tswang hara lefifi, ha thaba yona e ntse e tuka mollo, yaba lona, le dihlooho tsohle tsa merabe le baholo ba lona, le atamela haufi le nna,
24. le re: <Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.