1. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.
2. “Morena Modimo wa rona, o ile a etsa selekane le rona ha re le thabeng ya Horebe.
3. Morena ha a a ka a etsa selekane sena le bo-ntata rona empa o se entse le rona; rona bohle ba ntseng ba phela kajeno.
4. Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.
5. Ka yona nako eo, ke ile ka ema pakeng tsa lona le Morena, ho le bolella dipolelo tsa Morena. Ka lebaka la mollo lona le ne le tshaba, mme ha le a ka la hlwella thabeng.“Yaba Morena o re:
6. “ <Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
7. “ <O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.