Dipolelo 4:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?

9. “Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.

10. Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: <Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.>

11. “La na la atamela, la ema mosikong wa thaba, mme thaba ya etjha ke mollo, lelakabe la ya fihla hodimodimo; thaba ya aparelwa ke maru a matsho, le lefifi la bonkantjana.

12. Morena a bua le lona a le kahara mollo. Le ile la utlwa modumo wa mantswe feela, empa la se ke la bona ya buang. Le ile la utlwa lentswe la hae feela.

13. “O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi.

14. Ka yona nako eo, Morena a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo tseo, e le hore le tle le di phethe ha le fihla naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.

15. “Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.

16. Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.

17. E ka ba se tshwanang le phoofolo efe kapa efe e lefatsheng, kapa se tshwanang le nonyana efe kapa efe e fofang;

18. kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe.

19. Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.

20. Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

Dipolelo 4