Dipolelo 4:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: <Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.>

7. “Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena?

8. Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?

9. “Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.

10. Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: <Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.>

11. “La na la atamela, la ema mosikong wa thaba, mme thaba ya etjha ke mollo, lelakabe la ya fihla hodimodimo; thaba ya aparelwa ke maru a matsho, le lefifi la bonkantjana.

Dipolelo 4