42. hore e be moo mmolai ya bolayang wa habo e se ka morero a tla tshabela teng, kaha mmolauwa e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng, mme ka ho tshabela ho o mong wa metse ena, a tle a phele.
43. Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.
44. Ona ke wona molao oo Moshe a ileng a o bea kapele ho bana ba Iseraele.
45. Tsena ke ditemoso, le melao, le ditaelo, tseo Moshe a ileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta.
46. Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta.
47. Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela.
48. Ba hapa ho tloha Arowere, e lebopong la nokana ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Heremone.
49. Ba hapa le phula yohle e ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela, ho ya fihla Lewatleng la Letswai, tlasa mesiko ya Pisega.