Dipolelo 4:34-49 BIBELE (SSO89SO)

34. Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?

35. “Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena.

36. O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.

37. Ka baka la hobane o ne a rata bo-ntata lona, o ile a kgetha ditloholo tsa bona, mme ka matla a hae a maholo, o ile a le ntsha Egepeta ka boyena.

38. Ditjhaba tse kgolo, tse matla ho le feta, o ile a di leleka kapele ho lona ho le tlisa naheng ya tsona, le ho le nea yona, e le lefa la lona, jwalokaha ho le jwalo ka letsatsi lena.

39. “Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.

40. Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”

41. Moshe a kgetha metse e meraro, mose o ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela;

42. hore e be moo mmolai ya bolayang wa habo e se ka morero a tla tshabela teng, kaha mmolauwa e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng, mme ka ho tshabela ho o mong wa metse ena, a tle a phele.

43. Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.

44. Ona ke wona molao oo Moshe a ileng a o bea kapele ho bana ba Iseraele.

45. Tsena ke ditemoso, le melao, le ditaelo, tseo Moshe a ileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta.

46. Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta.

47. Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela.

48. Ba hapa ho tloha Arowere, e lebopong la nokana ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Heremone.

49. Ba hapa le phula yohle e ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela, ho ya fihla Lewatleng la Letswai, tlasa mesiko ya Pisega.

Dipolelo 4