Dipolelo 4:28-34 BIBELE (SSO89SO)

28. Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.

29. Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.

30. Matsatsing a qetello, ha le le matshwenyehong, mme dintho tsena di etsahala ho lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le mamele lentswe la hae.

31. Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.

32. “Botsisisang tsa matsatsi a kgale, a bileng teng le eso be teng, ho tloha mohla letsatsi leo Modimo a neng a bope motho ka lona lefatsheng; le botse ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe ya lehodimo: Na ntho e kgolo, e kang ee, e kile ya eba teng? Kapa na e kang yona e kile ya utluwa?

33. Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela?

34. Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?

Dipolelo 4