Dipolelo 4:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. “Ho feta mona, Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jorodane, le hore nke ke ka kena naheng e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be lefa.

22. Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.

23. Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.

24. Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.

25. “Haekare ha le tswetse bana, le ena le ditloholo, le se le phetse ka nako e telele naheng ena, la itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, mme la etsa hoo ho kgopo, moo Morena Modimo wa lona, a ntseng a bona, ho mo halefisa;

26. lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.

27. Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona.

28. Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.

Dipolelo 4