2. Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.
3. “Le bone ka mahlo a lona, seo Morena a ileng a se etsa tabeng ya Baale-Peore, hobane monna e mong le e mong ya ileng a latela Baale-Peore, Morena Modimo wa lona, o ile a mo timetsa.
4. Empa lona ba ileng ba kgomarela Morena Modimo wa lona, le ntse le phela bohle, le kajeno-ya-bokajeno.
5. “Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.
6. Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: <Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.>
7. “Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena?