Dipolelo 4:19-24 BIBELE (SSO89SO)

19. Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.

20. Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

21. “Ho feta mona, Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jorodane, le hore nke ke ka kena naheng e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be lefa.

22. Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.

23. Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.

24. Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.

Dipolelo 4