17. E ka ba se tshwanang le phoofolo efe kapa efe e lefatsheng, kapa se tshwanang le nonyana efe kapa efe e fofang;
18. kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe.
19. Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.
20. Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.