15. “Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.
16. Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.
17. E ka ba se tshwanang le phoofolo efe kapa efe e lefatsheng, kapa se tshwanang le nonyana efe kapa efe e fofang;
18. kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe.
19. Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.
20. Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
21. “Ho feta mona, Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jorodane, le hore nke ke ka kena naheng e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be lefa.
22. Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.
23. Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.
24. Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.
25. “Haekare ha le tswetse bana, le ena le ditloholo, le se le phetse ka nako e telele naheng ena, la itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, mme la etsa hoo ho kgopo, moo Morena Modimo wa lona, a ntseng a bona, ho mo halefisa;