Dipolelo 4:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. “Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona.

2. Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.

3. “Le bone ka mahlo a lona, seo Morena a ileng a se etsa tabeng ya Baale-Peore, hobane monna e mong le e mong ya ileng a latela Baale-Peore, Morena Modimo wa lona, o ile a mo timetsa.

4. Empa lona ba ileng ba kgomarela Morena Modimo wa lona, le ntse le phela bohle, le kajeno-ya-bokajeno.

Dipolelo 4