Dipolelo 34:8-12 BIBELE (SSO89SO)

8. Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.

9. Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

10. Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.

11. Ha ho eo Morena a kileng a mo romela naheng ya Egepeta ho ya etsa dipontsho tsohle le mehlolo yohle ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le ho naha ya hae yohle.

12. Ha ho ya kileng a etsa leha e le nngwe ya diketso tsohle tse tshabehang, tseo Moshe a ileng a di etsa ka letsoho le matla, moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona.

Dipolelo 34