Dipolelo 34:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: <Ke tla e nea ditloholo tsa lona.> Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”

5. Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.

6. Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.

7. Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela.

8. Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.

9. Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Dipolelo 34