Dipolelo 34:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,

2. le naha yohle ya Nafthali, le naha yohle ya Efraime, le ya Manase, le naha yohle ya Juda, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela,

3. le Negebe, le phula ya kgohlo ya Jeriko, e leng motse o difate tsa dipalema, ho ya fihla Soware.

4. Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: <Ke tla e nea ditloholo tsa lona.> Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”

5. Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.

6. Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.

Dipolelo 34