Dipolelo 33:9-24 BIBELE (SSO89SO)

9. A bua ka mmae le ntatae,a re:“Ha ke eso mmone le ho mmona!”Esita le bana babo a ba latola,le bana ba hae a se ke a ba tseba.Ba hlokometse lentswe la hao,selekane sa hao ba se boloka.

10. Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao,ba rute Iseraele Molao wa hao.Ba tla o tlisetsa mokubetso,ba etse nyehelo ya setjheso,ba e etse aletareng ya hao.

11. Ako hlohonolofatsemaruo a hae, Morena,mesebetsi ya haeo e amohele o nyakaletse.Kgahloladiholoholo tsa bamohloi,dira tsa haedi se hlole di ema hape.>

12. “Ho Benjamine a re:“ <Moratuwa wa Morenao tla dula ka kgotso pela hae,Radiphahamao mo sireletsa letsatsi lohle,o dula tlasa tshireletso ya hae.>

13. “Ho Josefa a re:“ <Morena a hlohonolofatsenaha ya hae,ka phoka ya bohlokwaya lehodimo,le ka metsi a kgukguthangkatlasa lefatshe;

14. ka tholwana tsa bohlokwatse butswiswang ke letsatsi,le ka tsa bohlokwatse melang ka kgwedi le kgwedi;

15. ka tse ntlentletse tswang thabeng tsa boholoholo,le ka tsa bohlokwatsa maralla a mehla yohle;

16. ka tsa bohlokwatsa lefatshe le tsohle tse ho lona,le ka ho ratwake ya ahileng sehlahleng.Tlhohonolofatsoe theohele hodima Josefa,hodima hloohoya ya kgethehilenghara bana babo.

17. Pholwana hae ya letsiboloe kgabile ka tlotla,naka tsa yonaekare ke naka tsa nare,ka tsona e tla sututsamatjhaba wohle,e a fihlise pheletsong tsa lefatshe.Naka tseoke dikgothokgotho tsa Efraime,naka tseoke diketekete tsa Manase.>

18. “Ho Sebulone a re:“ <Sebulone, nyakallaha o le leetong la hao,le wena, Isakare, nyakallaka ditenteng tsa hao!

19. Ba tla bitsa ditjhababa di bitsetse thabeng,teng ba nyeheleka mahlabelo a ho loka;hoba ba tla mokonya dimomonanetsa mawatleng,le matlotlo a bofihla a lehlabathe.>

20. “Ho Gade a re:“ <Ho ke ho tumisweya anafaditseng Gade,Gade o qatjhama jwaloka tauhadi,o harola letsoho kapa lehata.

21. Yena o ikgethetse karolo ya mantlha,o abetswe seabo sa molaodi.O tlile le hlooho tsa merabe,a phethahatsa ho loka ha Morena,le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.>

22. “Ho Dane a re:“ <Dane yena ke dinyane la tau,le tlolang le etswa Bashane.>

23. “Ho Nafthali a re:“ <Wena, Nafthali,o ratwa ka ho fetisa,mahlohonolo a Morenaa o atetse;mmuso wa haoo tloha lewatleng ho ya borwa.>

24. “Ho Ashere a re:“ <Ashere a hlohonolofaleho feta merabe yohle,bana baboba ke ba mo rate haholo,maoto a hae a tlotsweka ole ya mohlwaare.

Dipolelo 33