Dipolelo 33:21-29 BIBELE (SSO89SO)

21. Yena o ikgethetse karolo ya mantlha,o abetswe seabo sa molaodi.O tlile le hlooho tsa merabe,a phethahatsa ho loka ha Morena,le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.>

22. “Ho Dane a re:“ <Dane yena ke dinyane la tau,le tlolang le etswa Bashane.>

23. “Ho Nafthali a re:“ <Wena, Nafthali,o ratwa ka ho fetisa,mahlohonolo a Morenaa o atetse;mmuso wa haoo tloha lewatleng ho ya borwa.>

24. “Ho Ashere a re:“ <Ashere a hlohonolofaleho feta merabe yohle,bana baboba ke ba mo rate haholo,maoto a hae a tlotsweka ole ya mohlwaare.

25. Mekwallo ya haee be ya tshepe le ya lethose,matla a boqhekunga tshwane le a botjheng ba hae.>

26. “Ha ho ya kangModimo wa Jeshurune,ya kallang mahodimoho tla le thusetsa,ya tlang ka tlotla ya haea le hodima maru.

27. Leaho la haoke Modimo wa mehla yohle,matsoho a mehla yohlea o tshehetsa;a phaladisa sera kapele ho wena,a o laela hore o se timetse.

28. Jwale Iseraele o phela ka kgotso,sediba sa Jakobo se inotshi feela,naheng ya koro le ya veine e ntjha;e, mahodimo a nesa pula.

29. O lehlohonolo hakaakang,wena Iseraele!Ke mangya ka tshwanang le wena?Le setjhabase pholositsweng ke Morena,ke thebe ya lona e le thusetsang,ke yena sabole ya tlotla ya lona.Dira tsa lona di tla ineela ho lona,lona le di hatakele hodimo.”

Dipolelo 33