Dipolelo 33:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao,ba rute Iseraele Molao wa hao.Ba tla o tlisetsa mokubetso,ba etse nyehelo ya setjheso,ba e etse aletareng ya hao.

11. Ako hlohonolofatsemaruo a hae, Morena,mesebetsi ya haeo e amohele o nyakaletse.Kgahloladiholoholo tsa bamohloi,dira tsa haedi se hlole di ema hape.>

12. “Ho Benjamine a re:“ <Moratuwa wa Morenao tla dula ka kgotso pela hae,Radiphahamao mo sireletsa letsatsi lohle,o dula tlasa tshireletso ya hae.>

13. “Ho Josefa a re:“ <Morena a hlohonolofatsenaha ya hae,ka phoka ya bohlokwaya lehodimo,le ka metsi a kgukguthangkatlasa lefatshe;

14. ka tholwana tsa bohlokwatse butswiswang ke letsatsi,le ka tsa bohlokwatse melang ka kgwedi le kgwedi;

15. ka tse ntlentletse tswang thabeng tsa boholoholo,le ka tsa bohlokwatsa maralla a mehla yohle;

16. ka tsa bohlokwatsa lefatshe le tsohle tse ho lona,le ka ho ratwake ya ahileng sehlahleng.Tlhohonolofatsoe theohele hodima Josefa,hodima hloohoya ya kgethehilenghara bana babo.

Dipolelo 33