Dipolelo 32:45-52 BIBELE (SSO89SO)

45. Ha Moshe a qetile ho phetela Baiseraele mantswe ana wohle a sefela sena,

46. a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona.

47. Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”

48. Ka lona letsatsi leo Morena a bua ho Moshe, a re:

49. “Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona.

50. O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo.

51. Le ne le ntshitelwe le le hara bana ba Iseraele, ha le le metsing a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Le ne le se ke la nkgalaletsa hara setjhaba sa Iseraele.

52. Ka baka leo, naha eo o tla e bonela hole, empa o ke ke wa kena naheng eo, eo ke e neang bana ba Iseraele.”

Dipolelo 32