43. “Lona mahodimothoholetsang le yena;o phetetsamadi a bahlanka ba hae,o buseletsa ba mo hloileng.O tshwarelwa tjhaba sa haele naha ya sona.”
44. Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena.
45. Ha Moshe a qetile ho phetela Baiseraele mantswe ana wohle a sefela sena,
46. a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona.
47. Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”
48. Ka lona letsatsi leo Morena a bua ho Moshe, a re:
49. “Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona.