31. <Fika> la bonaha e ke Fika la rona,le dira tsa rona di ka re pakela.
32. Ke makala a morara wa Sodoma,a kgethutswe masimong a Gomora;morara wa yona o tletse mahloko,masihla a yona a a baba ha a jewe.
33. Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi,ke mahloko a bohale a bo-marabe.
34. “Na tsee ha di a bolokwasesiung sa ka,tsa bitiellwa letloleng la ka?
35. Phetetso le puseletso ke tsa ka,mohla maoto a bonaa kgetshemelang;tsatsi la tlokotsi ya bonale atametse,timelo ya bona e potlakile.
36. “Morena o tla ahlola,a ahlolele tjhaba sa hae,a utlwele bahlanka ba hae bohloko,ha a bona matla a bona a fedile,a sa siye mothopuwakapa molokolohi.
37. O tla botsa:<E kae medimo ela ya bona,“lefika” leoba tshabetseng ho lona;