1. “Sekehang tsebe,lona mahodimo,mme ke tla bua;lefatshe le ke le utlwepolelo tsa molomo wa ka.
2. Thuto tsa kadi tla rotha jwaloka pula,polelo tsa kadi monyele jwaloka phoka,jwaloka lefafatsanehodima jwang bo botalana,le jwaloka modupe hodima dijalo.
3. “Ke tla phatlalatsalebitso la Morena;lona le thoholetseboholo ba Modimo wa rona.
4. “Yena ke Lefika,mosebetsi wa hae o hloka kodi,ditsela tsohle tsa hae di na le toka;ke Modimo ya tshepahalang,ya se nang bokgopo;o lokile, mme o nepa kamehla.
5. “Ba itshilafaditse,ha e sa le bana ba hae,ba dikodi,ke moloko o kgelohang, o kgopo.
6. Le buseletsa Morenaka mokgwa o tjee,lona tjhaba sa dithoto,tjhaba sa ditseketseke?Na hase yena Ntata lonale Mmopi wa lona?O le bopile, a le etsa setjhaba.
7. “Hopolang mehla ya kgalekgale,nahanang mengwahaya meloko ya pele,botsang bo-ntata lona,mme ba tla le jwetsa,baholo ba lona ba tla le bolella.
8. Ha Radiphahama a aba,a abela matjhaba dinaha,a arola bana ka merabe ya bona,a na a sehela ditjhaba meedi,ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.