Dipolelo 31:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”

7. Moshe a bitsa Joshua, mme moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, a re ho yena: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla tsamaya le setjhaba sena, ho ya kena naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata sona, hore o tla se nea yona. Wena o tla etsa hore se e je lefa.

8. Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.”

9. Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele.

10. Moshe a ba laela, a re: “Qetellong ya selemo sa bosupa, ka nako e beetsweng ho leballana melato, ka mokete wa maphephe,

11. ha Baiseraele bohle ba tlilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha, le bale Molao ona moo Baiseraele bohle ba leng teng, mme ba ntseng ba utlwa.

12. Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona.

Dipolelo 31