Dipolelo 31:21-30 BIBELE (SSO89SO)

21. Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”

22. Ka lona letsatsi leo Moshe a ngola sefela sena, a se ruta bana ba Iseraele.

23. Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”

24. Yare ha Moshe a qetile ho ngola mantswe a Molao ona bukeng,

25. a laela Balevi, bajari ba areka ya selekane sa Morena Modimo wa bona, a re:

26. “Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang.

27. Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele?

28. Mpitsetseng baholo bohle ba merabe ya lona, le baokamedi ba lona, mme ke tla bua mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa. Lehodimo le lefatshe e tla ba dipaki tse le tswang.

29. Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.”

30. Yaba Moshe o bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele mantswe a sefela sena, moo ba ntseng ba utlwa, ho fihlela a a qeta.

Dipolelo 31