10. Moshe a ba laela, a re: “Qetellong ya selemo sa bosupa, ka nako e beetsweng ho leballana melato, ka mokete wa maphephe,
11. ha Baiseraele bohle ba tlilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha, le bale Molao ona moo Baiseraele bohle ba leng teng, mme ba ntseng ba utlwa.
12. Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona.
13. Le bana ba lona, ba esong ho tsebe Molao ona, ba tle ba utlwe, ba ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, ka matsatsi wohle ao le tla a phela naheng eo le tshelang Jorodane hore e be ya lona.”
14. Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.”Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.
15. Morena a hlaha ka Tenteng, a le kahara leru le lopaletseng. Leru leo le lopaletseng la ema monyako wa Tente.
16. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.