1. Moshe a ya, a bua mantswe ana ho Baiseraele bohle.
2. A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: <Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane.>
3. Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile.