Dipolelo 30:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.

4. Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng.

5. Morena Modimo wa lona o tla le kgutlisetsa naheng eo e neng e le ya bo-ntata lona, e be ya lona. Morena o tla le atlehisa, a le ngatafatse ho feta bo-ntata lona.

6. Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.

7. Morena Modimo wa lona, o tla otla dira tsa lona, le ba le hloileng, le ba le hlorisang, ka dithohako tsena tsohle.

8. Le tla kgutla, le mamele lentswe la Morena, mme le phethe melao yohle ya hae, eo ke le laelang yona kajeno.

9. Morena o tla le atlehisa mesebetsing yohle eo le e etsang, a atise bana ba lona, le tswala ya diphoofolo tsa lona, le ditholwana tsa masimo a lona haholo. Morena o tla boela a thabela ho le atlehisa haholo, jwalokaha a ile a thabela ho atlehisa bo-ntata lona.

10. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao le ditaelo tsa hae, tse ngotsweng Bukeng ena ya Molao, mme le kgutlele ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle.

11. “Molao ona oo ke le laelang wona kajeno, ha o a pateha, mme ha o hole le lona.

12. Ha o lehodimong, hoo le ka reng: <Ke mang ya tla re ela lehodimong, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?>

13. Ha o ka nqane ho lewatle, hoo le ka reng: <Ke mang ya tla re tshelela lewatle, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?>

14. Molao ona o haufi haholo le lona, o malemeng a lona, o ka dipelong tsa lona; ho salang feela ke hore le o phethe.

15. “Bonang, kajeno ke beile kapele ho lona bophelo, le lehlohonolo, le lefu le bomadimabe.

16. Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.

17. “Empa haeba dipelo tsa lona di mphuralla, le sa mamele, le kgumamela medimo e meng, le e sebeletsa;

18. kajeno ke le bolella hore ruri le tla timela. Le ke ke la phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona.

19. “Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele.

Dipolelo 30