Dipolelo 30:14-20 BIBELE (SSO89SO)

14. Molao ona o haufi haholo le lona, o malemeng a lona, o ka dipelong tsa lona; ho salang feela ke hore le o phethe.

15. “Bonang, kajeno ke beile kapele ho lona bophelo, le lehlohonolo, le lefu le bomadimabe.

16. Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.

17. “Empa haeba dipelo tsa lona di mphuralla, le sa mamele, le kgumamela medimo e meng, le e sebeletsa;

18. kajeno ke le bolella hore ruri le tla timela. Le ke ke la phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona.

19. “Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele.

20. Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”

Dipolelo 30