1. “Ha dintho tsena di se di etsahetse ho lona, e leng ditlhohonolofatso le dithohako tseo ke le baletseng tsona, mme le di nahana ha le le ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le leleketseng ho tsona,
2. lona le bana ba lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le tla mamela lentswe la hae ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, ho latela tsohle tseo ke le laetseng tsona kajeno.
3. Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.
4. Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng.
5. Morena Modimo wa lona o tla le kgutlisetsa naheng eo e neng e le ya bo-ntata lona, e be ya lona. Morena o tla le atlehisa, a le ngatafatse ho feta bo-ntata lona.
6. Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.