8. “Ka yona nako eo ra hapa naha ya dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le ka kwano ho Jorodane, ho tloha kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone.
9. Basidone ba reile Heremone lebitso la Sireone, athe Baamore bona ba e reile lebitso la Senire.
10. Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”
11. Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.
12. “Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona.
13. Karolo e nngwe ya morabe wa Manase ka e abela karolo e setseng ya Gileade, le Bashane yohle, e leng mmuso wa Oge, setereke sohle sa Aregobe, mmoho le Bashane yohle, e leng naha e bitswang Refaime.
14. Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.
15. “Makiri yena ka mo abela Gileade.
16. Ba morabe wa Rubene le wa Gade ka ba abela ho tloha Gileade, ho ya fihla kgohlong ya Arenone; ke hore bohareng ba kgohlo le moedi wa yona; le ho ya fihla nokaneng ya Jaboko, moeding wa bana ba Amone.
17. Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.
18. “Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: <Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele.
19. Empa ha e le basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona, ke a tseba hore le na le diphoofolo tse ngata, tsena di tla sala metseng eo ke le neileng yona.
20. Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.>
21. “Jwale ke ile ka laela Joshua ka yona nako eo, ka re: <Ka mahlo a hao o ile wa bona tsohle tseo Morena Modimo wa hao a di entseng ho dikgosi tsena tse pedi; Morena o tla etsa jwalo ho mebuso yohle eo le tla feta ho yona.
22. Le se ke la e tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang.>
23. “Yaba ke rapela Morena ka yona nako eo, ke re:
24. <Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?