15. “Makiri yena ka mo abela Gileade.
16. Ba morabe wa Rubene le wa Gade ka ba abela ho tloha Gileade, ho ya fihla kgohlong ya Arenone; ke hore bohareng ba kgohlo le moedi wa yona; le ho ya fihla nokaneng ya Jaboko, moeding wa bana ba Amone.
17. Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.
18. “Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: <Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele.
19. Empa ha e le basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona, ke a tseba hore le na le diphoofolo tse ngata, tsena di tla sala metseng eo ke le neileng yona.
20. Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.>
21. “Jwale ke ile ka laela Joshua ka yona nako eo, ka re: <Ka mahlo a hao o ile wa bona tsohle tseo Morena Modimo wa hao a di entseng ho dikgosi tsena tse pedi; Morena o tla etsa jwalo ho mebuso yohle eo le tla feta ho yona.
22. Le se ke la e tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang.>
23. “Yaba ke rapela Morena ka yona nako eo, ke re:
24. <Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?
25. “ <Ako ntumelle ke tshelele mose, ke bone naha e ntle, e kamose wane ho Jorodane, le naha ena e ntle ya maralla, le Lebanone.>
26. “Empa Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme ha a a ka a mmamela. Yaba Morena o re ho nna: <Ho lekane! O se hlole o bua ho nna ka taba ena!
27. Hlwella tlhorong ya Pisega, o akgele mahlo a hao ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa, le ka botjhabela, mme o bone ka mahlo a hao, hobane ha o ka ke wa tshela Jorodane ena.
28. Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.>